31/05/2026
*SONTAHA SA BORARO BO HALALELANG*
Kajeno re keteka Boraro bo Halalelang. Ke tumelo ea rona ea Bokreste ea h**e ho na le Molimo a le mong, ea iponahatsang ka Batho ba bararo: Molimo Ntate, Molimo Mora (Jesu Kriste) le Molimo Moea o Halalelang.
Molimo Ntate ke ’Mopi oa tsohle, Molimo Mora ke Jesu Kreste ea tlileng lefatšeng ho re pholosa, ’me Molimo Moea o Halalelang ke Motšelisi ea re tataisang, a re matlafatsang le ho re fa tumelo le bohlale.
Le hoja ba bonahala ba na le mesebetsi e fapaneng, kaofela ke Molimo a le mong ka botlalo — bonngoe bo phethahetseng ba lerato, mohau le matla a Molimo maphelong a rona. Re keteka kajeno ho tlotlisa mosebetsi oa Molimo ka Boraro bona le kamoo a sebetsang ka teng bophelong ba rona letsatsi le letsatsi.
“Ntate, Mora le Moea o Halalelang o sireletse bana ba hao ka mehla. Amen.” 🙏
CADET Goodshepherd
❤️