07/09/2026
Moqoqo Monday.....
Na rene re se re bone h**e Lesotho Poulty Industry Association-lepia e tlilo re etela literekeng ka ho fapana ho tloha hosane la 08/09/2026. Hlaha ka leqhepheng la bona ho bona na uena batla seterekeng sa hau neng!
Uena u ilo kopana le bona seterekeng sefe? Ha re utloe.
Lesotho Poultry Industry Association(LePIA) le Tla ho Uena! 🇱🇸
Mokhatlo oa LePIA (Lesotho Poultry Industry Association) o etela literekeng tsohle tse leshome tsa Lesotho ho kopana le barui ba likhoho le bohle ba chang ba tšola ka hare ho indasteri ea bo malitsibana.
Morero oa Ketelo Ena:
-Ho hlahisa LePIA ho barui ba likhoho le bohle ba chang ba tšola ka hare ho indasteri ea likhoho naha ka bophara.
-Ho bokella maikutlo le maele a lona mabapi le ka moo LePIA e ka tšehetsang le ho ntšetsa pele indasteri ea likhoho Lesotho.
-Ho u memela ho ba karolo ea LePIA e le ho aha indasteri e kopaneng, e matla e ikemetseng.
Lula u le le mala-a-laotsoe ho marang-rang a rona ho tseba na re tla seterekeng sa hau neng.🇱🇸
📌 Ho Ba Setho Ho Se Ho Butsoe!
Haeba u ikemiselitse ho ba karolo ea phetoho ena, ikopanye le rona ho:
📲 WhatsApp: +266 62125598
💻 Facebook: Lesotho Poultry Industry Association-lepia
✉️ Email: [email protected]